Lefu la Morena Joel Molapo 1919

Letsatsi lena, 24 Tlhakubele 1919, ebile mohl'a thlomoho e kholo ho Likila. Morena Joele, eo lebitso la hae la tsoalo e leng Moroto, ea neng a ile a tsoaloa selemong sa 1836 ka khakanyo; Kaha on'a ipitsa thak'a Lerotholi, a timela.

Ebile eena Morena oa pele oa Setereke sa Botha-Bothe haa ne a tsoa motse ho ntat'ae Molapo lilemong tsa bo-1885, 'me ke eena Morena oa pele oa ho amohela bahoebi ba Ma-India, bao bakolone ba neng ba ba bitsa Makula(The Kulis) kahar'a naha ea Lesotho. Bahoebi bana ba etsa likhoebo haufi le kampo ea sepolesa ea Botha-Bothe, e hlomiloeng ka 1884 ele ho arola Joele le Jonathane. Ha Joele eena a ahile Qalo, moo a ileng a lelekoa ke moena oa hae Ramanamane Jonathan Molapo ka ntoa ea Lepatla-patla, a balehela Fothane (Joel's Drift) kamose ho Mohokare. 

Joele o ne a ile a qabanngoa le Jonathane, Morena oa Leribe ka Ntoa ea Lithunya, moo Joele a neng a eteletse pele Mabelete nq'a Bochabela ho hana ka Lithunya tseo Basotho ba neng ba li rekile ka theko e boima, empa 'Muso oa Kolone o batla ho li nka mahala. Jonathane eena one a lumetse ka lithunya 'me a etseletse pele ba nehelanang ka tsona. Li ne li isoa Hlotse Disarmament (Lisemeng), 'me ea neng a fana ka sethunya o ne a fuoa koti-koti ea jeme le tekete, ke ha ba tla bitsoa Matekete/Mateketa. 

Likila li n'e ntse li ithorisa kahore "Likila menyemenye ha li e-je. E jeoa ke Linare." Qabang ea eba kholo lipakeng tsa Mabelete le Mateketa, 'me ho Joele le Jonathane hoa loanoa lilemo tse ka bang mashome amabeli kaofela. Hofihlela 1890 ha Joele a hlōleloa ruri ka Ntoa ea Lepatla-Patla, 'me motse oa hae oa Qalo oa chesoa. Joele o ile a timela ka la 24 Tlhakubele 1919 a ka ba lilemo li 83.


U re roballe Sekila, mor'a Mokutu.



Comments

  1. Litaba tsena li monate ebile li bohlokoa mor'a Leoli. Robala ka khotso Sekila!

    ReplyDelete

Post a Comment