LENYALO LA SESOTHO

 1. MORITŠOANA

Eee ere oa moshana haa se a jeoa ke bolutu, a hlora, pelo e bala-bala. A se a sulafalloa ke ho ba le batho a se a itšeka thajana ho qoaea lipuisano le batho. A se a ikhopolela feela kharebe ea hae 'me a batla eona feela lehlakoreng la hae. Ebe hee e fihlile nako ea ho hulela ka motšeeo oa ntsetse.

Ka lebaka la hlompho eo ngoana oa Mosotho a nang le eona malebana le baholisi kapa batsoali ba hae; abe lihlong ho bua phatlalatsa morero oa ho nyala. Ke kahoo ncheme a tlang ho tsoha ka matjeke ho bulela likhomo ts'abo, mohl'omong le tsa malapa a haufi. 

Ho tsoheng bo-'mae maane hae ba lebeletse lebese ho tla futsoela, bana baa tsoha ba tl'o llela topela. Likhomo moo? 'Nyeo moo? Ha ho motho. Likhomo tsena li buletsoe le manamane, sena se bolela hore a antšelitsoe koo a teng, khatea_ eba hee ketso ena e bitsoa ho raha moritšoana (ho se hamele ka moritšoaneng). 

2. MOHOPE OA METSI

Ha li oroha naheng hee mohlankana otla fumana ntat'ae a mo emetse sakeng. Ebe hee otla mo qeka hore tloho tlung hee hau qeta ho koalla mor'aka. Teng hee otla fumana baholo ba hae ba kopane ho tla utloa na o khahliloe hokae.

Ntat'ae (eseng bo-malome joalokaha Basotho ba kajeno ba tloaetse ho cho), kehore, Ramohlankana. O tla nka khomo e bitsoang pula-molomo, eo ka eona atlang ho ea qeka puisano koana ha habo moroetsana. 

Ho thoe mohope oa metsi kaha a ilo qeloa koana, ke eena ea tl'o re khella metsi.

3. PEHELETSO/TEBELETSO

Ke khomo e ntšoang haeba lenyalo le ke keng la etsahala hang-hang ka lebaka la hore mohl'omong moroetsana osa le monyane kapa o sekolong kapa eng le eng feela e tlamang hore a beheletsoe.

4. THETHESO EA BOHALI

Ka letsatsi leo ho lumellanoeng ka lona, ho tla ratholoa joala ba lere, 'me likhomo li tla tsoa sakeng h'abo mohlanaka li eteletsoe pele ke pere e liqhana (molisana), linku tse leshome (setsiba) le likhomo tseo ho lumellanoeng ka tsona (mapeea). Li tsoa sakeng li khannoa ke moroetsana ea apereng ho tloha thekeng ho ea tlase feela, a nkile molamu. Har'a tsona ho lokela ho be le ea poho, eona e bitsoa moqhoba, ke eona etlang ho atisa lesaka la Ramoroetsana. Links tsa setsiba tsona ke tse tlang ho fuoa malome kaha ke eena motšoari oa moetlo kholisong ea ngoana.

Ha li kena h'abo moroetsana koana bo-rakhali'ae ba tla be ba lutse moiteli, kehore, ba lutse tseleng e thibelang likhomo ho kena sakeng. Ba ntse ba li thiba ba re "ha lea tlala le mariba". Sena ke pontšo ea hore haba fane ka ngoana oa bona habobebe hakaalo. Ba bolela hore likhomo tsena lia fokola ka palo, ha li tl'o tlala lesaka.

5. SELELEKELA

Ke likhomo tse etellang tsa bohali pele, tsona li peli; ke khomo ea letsoele (ea 'ma/moanyesi), le khomo ea seholo-holo (ea ntat'a).

6. THLABISO EA BOHALI

Ha likhomo li amohehehile ha h'abo moroetsana. E-ba hee Ramoroetsana otla khetha khomo e hlajoang ho keteka bohali bona, eona e bitsoa lekaba. Lekaba lena karolo ea lona e tona ea sephaka le serope li fuoa mokhotsi (Ramoroetsana), ba tla boela hae ka tsona. Li bitsoa li-ea-ka-baeeng.

7. PHAHLO

Kamorao ho nako bohali bo ketekiloe, e-ba hee ho tla phahleloa ngoetsi hore e ee bohali koana moo e seng e ela ruri. Phahlo ea hae eohle ea roaloa e nkelloa le moseme(phate eo a tlang ho e lula bohali), h'abo ho sala thethana ea hae feela. 

Ha ho kolokiloe ho roetsoe phahlo ke ba felehetsang moroetsana. Ba tla 'ne ba tsamaee ba lula tseleng, moo ba tlang ho 'na ba emisoa ka limpho tse qekang hore ba be ba eo finyella bohali. 

Phahlong mona teng ho hlajoa khomo e bitsoang meja, ke Ramohlankana. E bolelang hore marapo (a neng a tlamile thoto/phahlo ea ngoetsi) a boele hae a sa khaoha.

8. KOAE

Ngoetsi lelapeng lena le lecha e ke ke ea e-ja letho pele e hlabeloa nku. Nku ena etla khekhethoa likhopo tsa lehlakore le letšehali ebe lia besoa. Li ntan'o behoa sejaneng li is etsoe makoti moo a lutseng mosemeng. Ngoanana ea itlhomphang akeke a li-ja, ea sa tsotelleng o tla li-ja ebe kemoo a ipitsetsang litšebo tsa hore "hee oa khala makoti oa mona, chee a sek'a itlotlolla". 

Eona ketsahalo ena, e bitsoa kahore ngoetsi e fuoa koae. Ba tlileng le ngoetsi ena ba keke ba ja nama eo ea koae. Ngoetsi ha ese e fuoe koae etla phutholoha hee lapeng leo, e tšoare sohle, e je le lijo.

9. LEQATHA

Ke ntlo eo monyali le monyaluoa e mocha ba tla e abeloa ke beng ka bona hee ka bosiu boo ba pele ba ho fihla ha ngoetsi bohali. Ntlo ena e hlophisitsoe hantle ka phate e tšoeu eo ka eona re tlang ho bona boesa na ngoetsi e ntse e roetse tsana. Ho latela matšoao. 

Haeba mohlankana a hlokometse hore o nyalisitsoe mosali e seng moroetsana. O tla bulela likhomo hoseng, a alosetse koana mokhoabong, teng otla nka seretse a tlotse khomo eo a e ratang haholo. Ebe o phunya kobo lesoba o hlahisa lesiba moo oa letsa. Seo etla ba sesupo sa hore eo hase moroetsana ke mosali, khale a alla bahlankana liphate. Lihlong tse hlahang moo lia tšabeha, le ngoetsi e-ka 'na ea boela hae ka lihlong.


Comments